Hona ke tlhokomeliso hore motho ea tlo ngolisa ka graduate placement, a tle le ORIGINAL CERTIFICATES eseng certified copies le Original ID eseng copy.
Lekala ha le boloke li-copy tsa certificates tsena, re mpa re batla ho netefatsa hore motho ona le mangolo ao a reng o na le ona ka ho bona ORIGINAL CERTIFICATES.
Hona ha se phatlalatso ea hore hoa hiroa, empa ele tlhokomeliso hobane re iphumana re khutlisa batho hangata hore ba tle le ORIGINAL CERTIFICATES.
#WeAreAtYourService
Government
Ministry of the Public Service
Facebook's share dialog is sometimes unreliable. If it spins, tap Copy link and paste the URL into your Facebook post.
Comments 0