Khotso ha e ate!
Morning Forecast (30-09-2026)
TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO
Le koahetse ka ho khetha libaka, ho pholile ho isa ho bata hoseng hona, ka moea o fokang o le bobebe ho hlaha leboea-bochabela. Ho ka lebelloa hore le koahele ka ho khetha libaka, ho be mahareng ho isa ho phola, empa ho bate libakeng tse ling ka maloting, ha le ntse le phahama. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima le boroa-bophirima. Ho na le monyetla (20%) oa mafafatsane mona le mane a ka khemang le lialuma libakeng tse ka leboea le bohareng ho naha.
Comments 0