Back to Noticeboard
This notice has expired (21 Oct 2026)
Government

Lesotho Electricity Company Pty Ltd

august_ramohapi
august_ramohapi
3d ago Β· Oct 19, 2026
Community Post
π“π’π„ππˆπ’πŽ π‡πŽ 𝐒𝐄𝐂𝐇𝐀𝐁𝐀: π“πŽπŠπˆπ’πŽ 𝐄𝐀 πŒπ€π‘π€ππ†-𝐑𝐀𝐍𝐆 𝐀 π“π‡π„πŠπˆπ’πŽ 𝐄𝐀 πŒπŽπ“π‹π€πŠπ€π’π„

Sechaba le basebelisi ba motlakase ba eletsoa ho reka motlakase o lekaneng esale nako pele ho Labobeli la la 20 Mphalane 2026, pele ho hora ea 20:00 thapama.
LitΕ‘ebeletso tsa ho reka motlakase li tla emisoa ha nakoana ho tloha ka hora ea 20:00 thapama ka Labobeli la la 20 Mphalane, ho fihlela ka hora ea 08:00 hoseng Laboraro la la 21 Mphalane 2026.

Bookameli bo eletsa basebelisi ba motlakase ho netefatsa hore ba na le motlakase o lekaneng ho sebelisoa nakong ena, kaha ho ke ke ha khoneha ho reka motlakase nakong eo tΕ‘ebetso e ntseng e tsoelapele.

Ho lebelletsoe hore litΕ‘ebeletso tsa ho reka motlakase li tla boela setloaeling ka hora ea 08:00 hoseng ka Laboraro la la 21 Mphalane 2026.

Re kopa tΕ‘oarelo ka tΕ‘itiso e tlang ho bakoa ke sena, ’me re leboha tΕ‘ebelisano-’moho ea lona.
Closed 21 Oct 2026
Apply / View details
Notice image 1 Notice image 2

Comments 0

Loading comments…

Facebook's share dialog is sometimes unreliable. If it spins, tap Copy link and paste the URL into your Facebook post.

WhatsApp LinkedIn