Back to Noticeboard
Government

Ministry of Public works and Transport Lesotho

admin_km
admin_km
1w ago · Oct 13, 2026
Community Post
MOTLATSI OA TONA-KHOLO O NEHELANA KA MOKONTERAKA
Motlatsi oa Tona-Kholo Mohlomphehi Nthomeng Majara o nehelane ka mokonteraka ea abetsoeng mosebetsi oa khaho-bocha ea tsela ea bolelele ba likilomitara tse mashome a mabeli a metso e ‘meli (22km) ho tloha lelibohong la Maseru ho ea Maqhaka, ha ‘moho le tsela ea Pioneer ea bolele ba 800m ho tloha mateanong a litsela Lancers Inn ho ea selikalikoeng sa Pionner Mall. Tsena li etsahetse ka ‘Mantaha oa la 12 Mphalane 2026 Ha Foso Berea.
Mongoli e Moholo oa Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang Mofumahatsana Ts’epang Koele, o bonts’itse hore ntlafatso ea litsela ka hara naha ea Lesotho ke e ngoe ea mekhoa ea ho haha bokamoso ba meloko e tlang haholo nakong ena eo naha e ntseng e keteka Boipuso.
Letona Mohlomphehi Matjato Moteane eena o hlalositse Lekala le ts’oanela ho its’etleha ka meralo eo Lekala le e entseng ea litsela (Transport Master Plan). A boela a hlalosa hore selemong sena mesebetsi eo Lekala le seng le e thakhotse le e tlo thakholoa e balloa ho li billion tse robeli ho isa ho tse robong (8-9 billion).
Mohlomphehi Motlatsi oa Tona Kholo o bonts’itse hore litsela tsa Lesotho li senyeile haholo ka lebaka la pheto-phetoho ea leholimo. A tsoela pele ka ho hlakisa hore ntlafatso ea mateanong a litsela e tlo thusetsa ho potlakisa phallo ea sephethephethe mateanong moo ho bonahalang ho ba le likotsi tse ngata tsa mebileng ka lebaka la ho hloka mamellano hoa baqhobi nakong ea sephethephethe se sengata. Sena se tla thusa ho baballa bophelo ba sechaba le thepa ea bona.
Moketeng ona ho bile teng mokhethoa oa Khubetsoana Mohlomphehi Lekhotsa Mafethe, Bahlomphehi bakhethoa ba puso ea libaka le marena a tikoloho ea ha Foso le babusi ba litereke tsa Berea le Maseru.
Notice image 1

Comments 0

Loading comments…

Facebook's share dialog is sometimes unreliable. If it spins, tap Copy link and paste the URL into your Facebook post.

WhatsApp LinkedIn