Story day
Ka lebitso ke Malome Skipper, ke mofokeng ka seboko, ke tsoaletsoe hukung ea bana ba mohale motseng oa Ha-Ts'epo empa ea ka mora hore mme ea ntsoalang a nthobele ka selemo sa 2005. Ka isoa ha habo moholo maphuts'eng, Ka Lula le nkhono ho tloha ka nako eo ele ena molisana oa ka. Empa ka ha tse bohloko ha lifele le pele lilemo Litlola seatla ka moqaka, korr ka kula tse mona hoo neke bona lefu lints'ing tsaka.
A nkesa li ngakeng tsa Sesotho a hloleha a nkisa kampong li tliliniking, ere ka ha moo hono sena le mookinyana hara Motse. Hake fihla ka hlahlobela tsoaetso ea HIV, ea ba hothoe mali atla Maseru ka mora matsatsi sephetho se tla khutla re tle re khutle ka letsatsi leo re le behetsoeng.
Re fetse ra khutla hare fihla ra fumana sephetho sere ke phela le kokoana hloka ea HIV 😢. "Aoo khutsana e senang mmateng ebe HIV etsoa kae ole monyane tjena rona retseba chaifi e ke ea banna le basali ba tlolang meqomo khauteng, oena o enka kae ngoana ngoanaka" ho rialo nkhono setsoala mme.
Empa hole joalo haka fumana karabo hotsoa ho mang kapa mang, ka qala litlhare ka la ts'elela khoeling ea tlhakubele selemong sa likete tse peli le metso e supileng (6/3/2007). Ke qa lile joalo ke ntse ke hloleha ebile ele selemo saka sa hore ke lo qala sekolo sa mathomo ke tlohele li potsanyane hae. Empa ka hloleha ka ea selemong se hlahlamang. Ke hotse joalo ke bona ntse kenoa lipilise fela ke sa tsebe na ketsang ke lula Ke bona hake tlo ea tliliniking nkhono otla etsa li focho, li phephesela, le litokofela ka bona ele hore mona nkhono o sokola tja hore ke khone hoea ngakeng. Eare hake le sehlopheng sa bohlano ka fuoa pere ene ke isoa ka eona setsing ka mehla. Enele ha mpatlalatsane ehlaha e leleka linyatsi Maha batho, ha nkhono a ntsosa. "Ntate Rakhants'a tsoha olo Lata pere naheng otlo qhaneha otsebe o fihla ha mootsinyane ka pele oseke oa khutla ka lefifi, pere ena etla ofihlisa hantle moo ngakeng ose ts'ohe mofokeng" ho rialo nkhono.
Ke tse ka etsa joalo le khoeli ehlahlamang,ka etsa joalo ho fihlela hake le sehlopheng sa Bots'elela ke mobotsa hantle lipilise tse ketsang tse mehlaeeee joale ke tsamaea ke Lofa sekolong ke fetoaa ke mahae hangata. "ngoana ngoanak lipilise tsena o linoa hoba mmokola oa ohlopha ke tse thibelang mmokola" ho rialo nkhono ha nkaraba.
Ka oma ka hlooho ho bonts'a kutloisiso empa ka nka qeto ea hore ha kesa tsoe mmokola hake tlo linoa he ke khathetse nna ko tsamaya ke Lofa mahee.
Ka qalella ho li Lofa...
Comments 0