Back to Noticeboard
This notice has expired (06 Oct 2026)
News

PETROLEUM FUND

admin_km
admin_km
2w ago · Oct 06, 2026
Community Post
Fueling the Future with Prudent Stewardship
PHATLALATSO EA LITJEO TSA MAFURA 6 MPHALANE 2026
Maseru - Ofisi ea Petroleum Fund e tsebisa sechaba hore ho tla ba le phetoho lithekong tsa
mafura ho tloha ka Laboraro la 7 Mphalane 2026 naha ka bophara. Theko ea Petrols e tia
nyoloha ka Maloti a Mararo le Lisente tse Mashome a Supileng (M3.70) lithara ka 'ngoe, theko
ea Petrols e tla nyoloha ka Maloti a Mararo le Lisente tse Mashome a Robeli (M3.80) lithara
ka ngoe, theko ea Dieselso e tla nyoloha ka Maloti a Mararo le Lisente tse Mashome a Robong
a Metso e Mehlano (M3.95) lithara ka 'ngoe. Ka tsela e tšoanang, theko ea Parafini e tla
nyoloha ka Maloti a Mararo le Lisente tse Mashome a Robeli (M3.80) lithara ka 'ngoe.
Litheko tsa mafura literekeng tsohle li tla ema ka tsela e latelang:
Petrol
Petrol
Diesel
Illuminating
Paraffin
Litjeo tse ncha
M 28.20
lithara ka 'ngoe
Litjeo tse ncha
M 28.60
lithara ka 'ngoe
Litjeo tse ncha
M 34.90
lithara ka 'ngoe
Litjeo tse ncha
M 25.90
lithara ka 'ngoe
Thokomeliso: Litheko tse lokolisitsoeng mona, ke tse fetileng tlas' a thahlobo
Petroleum Fund e eletsa bahoebi bohle ba mafura ho rekisa ka litheko tse molaong ho latela
phatlalatso ena, kaha e le tlolo ea molao ho rekisa ka litheko tse ling tse fapaneng le tsena
tse phatlalalitsoeng. Ho bile le bahoebi bankang monyetla oa liphetoho tsa mofuta ona
nakong ea ho feta, ka ho rekisa mafura ka litheko tse phahameng ho feta tse phatlalalitsoeng.
Bahoebi ba hlokomelisoa hore ba tla nkeloa likhato tsa molao ha ba rekisa ka litheko tse
fapaneng le tsena tse phatlalalitsoeng.
Sechaba se boetse se tsebisoa ka nomoro ea mahala eo se ka e sebelisang ho taleha litsi
kapa bahoebi ba tla fumanoa ba rekisa mafura ka litheko tse fapaneng le tse hlahang
phatialatsong ena. Nomoro eo ke: 80022004.
Likopi tsa phatlalatso ena li fumaneha liofising tsa Petroleum Fund, LCCI Building, Orpen
Road, Old Europa, Maseru, Petroleum Fund website (www.petroleum.org.ls) le liea-le-
moeeng ka har a naha.
'MAKANANELO KOME (Adv.)
INTERIM CHIEF EXECUTIVE OFFICER
Board of Directors: Mr. T. Khabo (Chairperson), Adv. M.T. Kome (Interim Chief Executive Officer ), Adv. A. Nchoba (Interim Board Secretary)
Dr. M. Khoeli, Mrs. M.M. Malephane, Mrs. M. Matekane, Mr. M. Mokoaleli, Ms. M. Rakubutu, Mr. M. Raliselo, Ms. Q.M.K. Tsokeli
(+266) 2231 2137
mahlor@petroleum.org.ls
Toll-free: (+266) 8002 2004
www.petroleum.org.ls
Closed 06 Oct 2026
Notice image 1

Comments 0

Loading comments…

Facebook's share dialog is sometimes unreliable. If it spins, tap Copy link and paste the URL into your Facebook post.

WhatsApp LinkedIn